Levitike
Khaolo 22:23-29
BIBELE e Halalelang
23O ka etsa nyehelo ya boithatelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le setho se selelele, kapa se sekhutshwanyane; empa ntho e jwalo e ke ke ya dumellwa hore ho tle ho phethwe kano ka yona.
24Le se ke la hlahisetsa Jehova ntho e marete a teteditsweng, kapa a pshatlilweng, kapa a qotsutsweng, kapa a pomilweng; mme le se ke la etsa sehlabelo ka e jwalo naheng ya lona.
25Le se ke la amohela tse jwalo matsohong a baditjhaba ho etsa ka tsona sejo sa Modimo wa lona, hobane di holofetse, di na le dikodi; di ke ke tsa dumellwa ke hona.
26Jehova a boela a bua le Moshe, a re:
27Kgomo, nku, leha e le podi e tlang ho tswalwa, e tla dula le mma yona ka matsatsi a supileng; ho tloha letsatsing la boroba meno e le mmedi, le kamora lona, e tla dumellwa hore e hlahisetswe Jehova, e be sehlabelo se tjheswang ka mollo.
28Empa ho makgomo le ho manku, le se ke la hlaba tswetse le ngwana yona ka tsatsi le le leng.
29Etlare ha le hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho, le se hlahise ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona.