Levitike
Khaolo 23:10-16
BIBELE e Halalelang
10Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, mohla le kotulang masimo, le tla tlisa ho moprista ngata ya dilopotsiya tsa kotulo ya lona.
11O tla tsokoletsa ngata ka nqa tsohle pela Jehova, e tle e dumellwe; moprista o tla e tsokotsa jwalo, ka le hlahlamang Sabatha.
12Ka letsatsi leo ho tsokotswang ngata, le tla hlabela Jehova konyana e tona e lemo se le seng, e se nang sekodi, e be setjheso:
13le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.
14Le se ke la ja bohobe, leha e le dihlaku tsa koro e besitsweng, kapa e tutsweng, ho fihlela letsatsi lona leo le hlahisang nyehelo ho Modimo wa lona ka lona. Ke molao o sa feleng, oo le tlang ho ya ka wona, lona le ditloholo tsa lona meahong ya lona yohle.
15Ho tloha letsatsing le hlahlamang Sabatha, e leng letsatsi leo le tlisitseng ngata hore e tsokotswe, le tla bala veke tse supileng tse tletseng.
16Le tla bala matsatsi a mashome a mahlano ho isa letsatsing le hlahlamang la Sabatha ya bosupa; le tla etsetsa Jehova nyehelo e ntja.