Levitike
Khaolo 23:5-11
BIBELE e Halalelang
5Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya, e tla ba Paseka ya Jehova.
6Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo, e tla ba mokete wa mahobe a se nang ditomoso, o etsetswang Jehova; le tla ja mahobe a se nang ditomoso ka matsatsi a supileng.
7Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.
8Ka matsatsi a supileng, le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo. Ka letsatsi la bosupa, phutheho e halalelang e tla ba teng; le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.
9Jehova a boela a bua le Moshe, a re:
10Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, mohla le kotulang masimo, le tla tlisa ho moprista ngata ya dilopotsiya tsa kotulo ya lona.
11O tla tsokoletsa ngata ka nqa tsohle pela Jehova, e tle e dumellwe; moprista o tla e tsokotsa jwalo, ka le hlahlamang Sabatha.