Levitike
Khaolo 23:7-13
BIBELE e Halalelang
7Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.
8Ka matsatsi a supileng, le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo. Ka letsatsi la bosupa, phutheho e halalelang e tla ba teng; le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.
9Jehova a boela a bua le Moshe, a re:
10Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, mohla le kotulang masimo, le tla tlisa ho moprista ngata ya dilopotsiya tsa kotulo ya lona.
11O tla tsokoletsa ngata ka nqa tsohle pela Jehova, e tle e dumellwe; moprista o tla e tsokotsa jwalo, ka le hlahlamang Sabatha.
12Ka letsatsi leo ho tsokotswang ngata, le tla hlabela Jehova konyana e tona e lemo se le seng, e se nang sekodi, e be setjheso:
13le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.