Levitike
Khaolo 25:10-16
BIBELE e Halalelang
10Le tla halaletsa jwalo selemo sa mashome a mahlano, mme le tla tumisa tokoloho naheng ya lona ho baahi ba yona kaofela; e tla ba Jubile ho lona. E mong le e mong wa lona o tla kgutlela lefeng la hae, e mong le e mong a kgutlele mofuteng wa hae.
11Selemo seo sa mashome a mahlano e tla ba Jubile ho lona; le se ke la jala, le se ke la kotula matshwabodi a sona, le se ke la kga merara e sa kang ya hlaolwa.
12Hobane ke Jubile; e tla kgetheha ho lona; mme le tla ja dijo tse masimong.
13Ka selemo seo sa Jubile, e mong le e mong o tla kgutlela lefeng la hae.
14Ekare ha le ka rekisa ka tshimo ho wa habo lona, kapa leha le ka ithekela tshimo ho wa habo lona, le se ke la jana.
15O tla bala dilemo ho tloha ho Jubile, ha o ithekela ho wa heno, mme o tla o rekela ka ho lekanya palo ya dilemo tsa ho kotula.
16O tla phahamisa theko ka ho e bapisa le bongata ba dilemo tseo, o tla e fokotsa ka ho e bapisa le bonyenyane ba dilemo tseo; hobane o tla o rekela ka palo ya dilemo tsa ho kotula.