Levitike
Khaolo 25:16-22
BIBELE e Halalelang
16O tla phahamisa theko ka ho e bapisa le bongata ba dilemo tseo, o tla e fokotsa ka ho e bapisa le bonyenyane ba dilemo tseo; hobane o tla o rekela ka palo ya dilemo tsa ho kotula.
17Ho se ke ha eba e mong hara lona ya jang wa habo; o tshabe Modimo wa hao, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.
18Le phethe melao ya ka, le boloke ditaelo tsa ka; le fele le di etse, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.
19Naha e tla beha ditholwana tsa yona; le tla ja, le be le kgore, mme le tla aha ho yona ka boiketlo.
20Empa ha le ka re: Re tla jang ka selemo sa bosupa, ha re sa jale, mme re sa kotule letho?
21bonang, ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela, se tle se le hlahisetse dijo tse lekanang dilemo tse tharo.
22Le tla jala ka selemo sa boroba meno e le mmedi, le ntse le itjella dinyase, ho isa selemong sa boroba mono o le mong, le ntse le lebeletse dikotulo tsa lona, le eja tsa kgale.