Levitike
Khaolo 25:18-24
BIBELE e Halalelang
18Le phethe melao ya ka, le boloke ditaelo tsa ka; le fele le di etse, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.
19Naha e tla beha ditholwana tsa yona; le tla ja, le be le kgore, mme le tla aha ho yona ka boiketlo.
20Empa ha le ka re: Re tla jang ka selemo sa bosupa, ha re sa jale, mme re sa kotule letho?
21bonang, ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela, se tle se le hlahisetse dijo tse lekanang dilemo tse tharo.
22Le tla jala ka selemo sa boroba meno e le mmedi, le ntse le itjella dinyase, ho isa selemong sa boroba mono o le mong, le ntse le lebeletse dikotulo tsa lona, le eja tsa kgale.
23Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.
24Naheng yohle eo le e ruileng, le tla nea motho tokelo ya ho rekolla tshimo ya hae.