Levitike
Khaolo 25:28-34
BIBELE e Halalelang
28Empa ha a sitwa ho phetha seo a ka se busetsang ho yena, seo a se rekisitseng se tla dula matsohong a ya se rekileng, ho isa selemong sa Jubile, e be hona eo a tswang, le yane a kgutlelang lefeng la hae.
29Ekare ha e mong a reka ka ntlo e hahilweng motseng o dikilweng ka marako, thekollo ya yona e ka etswa selemo se eso ho fele seo ho rekanweng ka sona; tokelo ya hae ya ho rekolla ke ya lemo se le seng feela.
30Empa ntlo eo e ka motseng o dikilweng ka marako, ha e sa rekollwe, selemo se eso ho fele, e tla dula kamehla ho ya e rekileng, ho isa ditloholong tsa hae; e ke ke ya tswa ho yena le ka Jubile.
31Empa matlo a metse e sa dikwang ka marako, a tla tadingwa jwaloka masimo; a ka rekollwa, mme ba a rekileng ba tla tswa ho wona ka Jubile.
32Haele metse ya Balevi, le matlo ao ba tlang ho ba le wona teng, Balevi ba tla ba le tokelo ya ho a rekolla kamehla.
33Ha e mong a reka ntlo e neng e rekiswa motseng wa Balevi, o tla tswa ho yona ka Jubile; hobane matlo a metse ya Balevi ke lefa la bona hara bana ba Iseraele.
34Mme masimo a teetseng metse ya Balevi hare a ke ke a rekwa; ke leruo la bona ka ho sa feleng.