Levitike
Khaolo 25:33-39
BIBELE e Halalelang
33Ha e mong a reka ntlo e neng e rekiswa motseng wa Balevi, o tla tswa ho yona ka Jubile; hobane matlo a metse ya Balevi ke lefa la bona hara bana ba Iseraele.
34Mme masimo a teetseng metse ya Balevi hare a ke ke a rekwa; ke leruo la bona ka ho sa feleng.
35Ekare ha ngwaneno ya pela hao a fumaneha, mme letsoho la hae le fokola mosebetsing, o mo thole; o etse jwalo le ho motho wa setjhaba sesele, leha e le ho moeti, a tle a phele ha eno.
36O se ke wa mo ja ka katiso, o se ke wa rua ka yena; o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele ha eno.
37O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla katiso, leha e le tse jewang tsa hao ka ho bitsa ka ho fetisa.
38Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ho le fa naha ya Kanana, ke tle ke be Modimo wa lona.
39Ekare ha ngwaneno a fumaneha pela hao, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa ka tshebetso ya lekgoba,