Levitike
Khaolo 26:1-5
BIBELE e Halalelang
1Le se ke la iketsetsa medimo ya lefeela; le se ke la ikemisetsa setshwantsho se betlilweng sa lehong, leha e le sa lejwe; le se ke la emisa ditshwantsho tse jwalo naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.
2Bolokang Disabatha tsa ka, mme le hlonephe sehalalelo sa ka. Ke nna Jehova.
3Ekare ha le latela ditaelo tsa ka, mme le boloka melao ya ka, le ya ka yona,
4ke tla le fa dipula ka nako ya tsona; lefatshe le tla hlahisa dijo tsa lona, mme difate tsa naha di tla beha ditholwana tsa tsona.
5Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.