Levitike
Khaolo 26:27-33
BIBELE e Halalelang
27Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, le ntse le ntshetakela,
28le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.
29Le tla ja nama ya bara ba lona, le je le nama ya baradi ba lona.
30Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.
31Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.
32Ke tla sohlokanya naha ya lona, ho fihlela dira tsa lona tse tlang ho aha ho yona di makala.
33Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.