Levitike
Khaolo 26:31-37
BIBELE e Halalelang
31Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.
32Ke tla sohlokanya naha ya lona, ho fihlela dira tsa lona tse tlang ho aha ho yona di makala.
33Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.
34Ke moo naha e tla thabela Disabatha tsa yona ka tshiu tsohle tsa tshenyeho ya yona, ha le sa ntse le qhalane lefatsheng la dira tsa lona; ke moo naha e tla lala, e thabele Disabatha tsa yona.
35Ka tshiu tsohle tsa tshenyeho ya yona, e tla ba le phomolo eo e sa kang ya eba le yona mehleng ya Disabatha, ha le ntse le ahile ho yona.
36Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.
37Ba tla wa ka dihlooho, ba bang hodima ba bang, jwaloka hoja ba dihuwa ke lerumo, leha ho se motho ya ba lelekisang.