Levitike
Khaolo 27:1-5
BIBELE e Halalelang
1Jehova a boela a bua le Moshe, a re:
2Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare ha e mong a itlama ka kano, ka ho bea batho, e tla ba ba Jehova ka tekanyetso ya hao.
3Ha o lekanyetsa e motona ya dilemo tse tlohang mashomeng a mabedi, ho isa mashomeng a tsheletseng, tekanyetso ya hao e tla ba dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano, ka ho ya ka shekele ya sehalalelo;
4haele mosadi, o tla mo lekanyetsa ka dishekele tsa silefera tse mashome a mararo.
5Ba dilemo tse hlano, ho isa ho tse mashome a mabedi, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tse mashome a mabedi, ngwanana e be ka dishekele tse leshome;