Levitike
Khaolo 27:30-34
BIBELE e Halalelang
30Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.
31Ekare ha e mong a rata ho lopolla ntho e nngwe ya boshome ba hae, o tla eketsa ka bohlano ba yona.
32Boshome bo bong le bo bong ba dikgomo le ba tse kgutshwane, ba tsohle tse tsamayang tlasa lere le modisa, bo kgethetswe Jehova.
33Ho ke ke ha tadingwa botle ba kgomo, kapa bobe ba yona; di se ke tsa ananngwa; ekare ha e nngwe e ananngwa ka e nngwe, e tla ba ntho tse halalelang tse pedi, di ke ke tsa lopollwa.
34Ke yona melao eo Jehova a e neileng bana ba Iseraele ka Moshe, thabeng ya Sinai.