Levitike
Khaolo 7:35-38
BIBELE e Halalelang
35Ke yona tokelo ya Aarone, le ya bara ba hae, eo ba e neilweng ka ho tlotsuwa ha bona, mahlabelong a tjhesetswang Jehova, ho qala ka letsatsi leo ba hlahiswang ka lona hore ba sebetse mosebetsi wa Jehova wa boprista.
36Ke tseo Jehova a laelang bana ba Iseraele ho ba nea tsona, ho qala letsatsing leo a ba tlotsitseng ka lona. Hoo e tla ba molao wa kamehla melokong ya bona.
37Ke wona oo molao wa setjheso, le wa nyehelo, le wa sehlabelo sa sebe, le wa sehlabelo sa molato, le wa peo ya boprista, le wa sehlabelo sa teboho,
38oo Jehova a o laetseng Moshe, thabeng ya Sinai, ka letsatsi leo a laetseng bana ba Iseraele ho hlahisa dinyehelo tsa bona ho Jehova, feelleng la Sinai.