Levitike
Khaolo 7:5-11
BIBELE e Halalelang
5Moprista o tla a tjhesa aletareng, e le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo; ke sehlabelo sa molato.
6Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.
7Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.
8Moprista ya hlahisang setjheso sa e mong, o tla newa letlalo la ntho e entsweng setjheso seo a se hlahisitseng.
9Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.
10Nyehelo e nngwe le e nngwe e dubilweng ka ole, e omileng, e tla ba ya bara ba Aarone kaofela, leha e le mang kapa mang wa bona.
11Molao wa sehlabelo sa teboho se hlahisetswang Jehova, ke wona ona: