Levitike
Khaolo 7:7-13
BIBELE e Halalelang
7Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.
8Moprista ya hlahisang setjheso sa e mong, o tla newa letlalo la ntho e entsweng setjheso seo a se hlahisitseng.
9Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.
10Nyehelo e nngwe le e nngwe e dubilweng ka ole, e omileng, e tla ba ya bara ba Aarone kaofela, leha e le mang kapa mang wa bona.
11Molao wa sehlabelo sa teboho se hlahisetswang Jehova, ke wona ona:
12Ekare ha e mong a se hlahisa ka teboho, e ka kgona a hlahise hammoho le sehlabelo sa teboho bohobe bo sa lomoswang, bo dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole, le dinkgwana tsa lefi la phofo tse hadikilweng ka ole, tse dubilweng ka ole.
13O tla hlahisa nyehelo ya hae, le dinkgwana tsa bohobe bo lomositsweng, hammoho le sehlabelo sa hae sa teboho le sa kgotso.