Levitike
Khaolo 8:31-36
BIBELE e Halalelang
31Moshe a re ho Aarone le ho bara ba hae: Apehang dinama monyako wa tente ya pokano, le di je hona teng, le bona bohobe bo serotong sa peo, kamoo ke laetseng kateng, ka re: Aarone le bara ba hae ba tla di ja.
32Se ka salang sa nama le sa bohobe, le tla se tjhesa ka mollo.
33Ka matsatsi a supileng, le ke ke la tloha monyako wa tente ya pokano, ho fihlela matsatsi a peo ya lona a ba a phetheha; hobane matsatsi a peo ya lona a supile.
34Se entsweng kajeno, Jehova o laetse hore se etsetswe pheko ya lona.
35Le tla hlola le dutse motshehare le bosiu ka matsatsi a supileng, monyako wa tente ya pokano, mme le tla etsa seo Jehova a le laetseng sona, hore le se etse, hore le se tlo shwa; hobane ke laetswe jwalo.
36Aarone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Jehova a neng a di laetse ka Moshe.