Diketso
Khaolo 1:16-22
BIBELE e Halalelang
16Banna ba heso, ho ne ho tshwanela hore lengolo le etsahale, le porofetilweng ke Moya o Halalelang ka molomo wa Davida, le lekanyang Judase, eo e bileng motsamaisi wa ba tshwereng Jesu.
17Hobane o ne a balwa hara rona, mme o ne a abetswe tshebeletso ena.
18Empa yare hobane a ithekele tshimo ka moputso wa bokgopo, a itihela, a phatloha kalehare, mala a hae a ba a horometseha kaofela.
19Ke taba e tsebilweng ke bohle ba ahileng Jerusalema, tshimo eo ba bile ba e reile Hakeldama, ka puo ya bona, ke ho re: Tshimo ya madi.
20Hobane ho ngodilwe bukeng ya Dipesaleme, ho thwe: Boaho ba hae bo fetohe dithako, mme ho se be motho ya ahang teng; hape: E mong a nke bodisa ba hae.
21Ka baka leo, ho banna ba bileng le rona mehleng yohle eo Morena Jesu a tsamaileng le rona,
22ho qala kolobetsong ya Johanne ho fihlela letsatsi leo a nyolositsweng ho rona, e mong wa bona e ka kgona e be paki ya tsoho ya hae le rona.