Diketso
Khaolo 11
BIBELE e Halalelang
1Baapostola le baena ba ahileng Judea ba utlwa hoba baditjhaba le bona ba amohetse lentswe la Modimo.
2Yare ha Petrose a kgutletse Jerusalema, badumedi bao e leng ba lebollo ba mo tsekisa,
3ba re: O kene ho banna ba sa bollang, mme o jele le bona.
4Yaba Petrose o qala ho ba phetela ditaba ka ho di hlomahanya, a re:
5Ke ne ke le motseng wa Jopo, ke rapela; moya wa ka wa haptjwa; mme ka bona ntho e kang lesela le leholo le theoha lehodimong, le tlamilwe dintlheng tse nne, mme la tla ho nna.
6Yare ha ke nyarela ho lona, ka tadima, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maoto a mane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tsa lehodimo.
7Ka utlwa le lentswe le reng ho nna: Petrose ema, o hlabe, o je.
8Ka re: Ho se be jwalo Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.
9Lentswe la boela la tswa lehodimong, la nkaraba, la re: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila.
10Hona ha etswa hararo; tseo kaofela tsa ntoo boela di nkelwa lehodimong.
11Ka nako yona eo, ka tshoha banna ba bararo, ba romilweng ho nna, ba tswang Sesarea, ba hlaha monyako wa ntlo eo ke neng ke le ho yona.
12Moya wa mpolella, hore ke ye le bona, ke sa kganane. Baena bana ba tsheletseng ba ya le nna le bona, mme ra kena tlung ya monna eo.
13A re bolella kamoo a boneng lengeloi kateng, ka tlung ya hae, le eme, le re ho yena: Romela banna Jopo, mme o late Simone, ya bitswang Petrose.
14Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.
15Eitse hobane ke qale ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwalokaha ho entswe ho rona ho qaleng.
16Yaba ke elellwa polelo ya Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.
17Mme Modimo ha o ba file neo e jwaloka eo o re neileng yona, rona ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste, nna, ke ne ke le mang hore ke hane ho Modimo?
18Yare ha ba utlwa taba tseo, ba lesa ho belaela; mme ba tlotlisa Modimo ka ho re: Efela Modimo o neile le baditjhaba pako, hore ba bone bophelo.