Diketso
Khaolo 1:7-13
BIBELE e Halalelang
7A re ho bona: Ha ho a le lokela ho tseba mehla, leha e le dinako tseo Ntate a itaoletseng tsona a nnotshi.
8Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
9Yare hobane a bolele taba tseo, a nyoloswa ba ntse ba mo tadimile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
10Ba re ba sa lelaletse lehodimong, ha a ntse a nyoloha, bonang, ha hlaha ho bona banna ba babedi, ba apereng diaparo tse tshweu,
11ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.
12Yaba ba tloha thabeng eo, e bitswang ya Mehlwaare, bohaufi ba yona le Jerusalema bo le kale ka leeto la Sabatha, mme ba kgutlela Jerusalema.
13Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.