Diketso
Khaolo 10:11-17
BIBELE e Halalelang
11A bona lehodimo le phetlilwe, mme ho theohela ho yena ntho e kang lesela le leholo, le tlamilweng dintlheng tse nne, le lepellelang fatshe.
12Le ne le nkile tsohle tsa lefatshe tse maoto a mane, le tse hahabang, le dinonyana tsa lehodimo.
13Yaba lentswe le fihla ho yena, la re: Petrose, ema, o hlabe, o je.
14Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.
15Lentswe la eketsa la re ho yena la bobedi: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila.
16Hoo ha etswa hararo, lesela la ntoo boela le nyolosetswa lehodimong.
17Petrose a re a sa ntse a nahana hore na mohlolo oo a o boneng o reng, ha fihla banna ba romilweng ke Kornele, ba botsa ntlo ya Simone; yaba ba ema monyako,