Diketso
Khaolo 10:16-22
BIBELE e Halalelang
16Hoo ha etswa hararo, lesela la ntoo boela le nyolosetswa lehodimong.
17Petrose a re a sa ntse a nahana hore na mohlolo oo a o boneng o reng, ha fihla banna ba romilweng ke Kornele, ba botsa ntlo ya Simone; yaba ba ema monyako,
18ba bitsa, ba botsa hore na ke moo Simone, ya bitswang Petrose, a fapohetseng teng na?
19Petrose a re a sa ntse a nahana mohlolo oo, Moya wa re ho yena: Banna ke bao ba bararo, ba o batla.
20Hlo o theohe, mme o ye le bona, o sa kganane, hobane ke nna ke ba romileng.
21Yaba Petrose o theohela ho banna ba romilweng ho yena ke Kornele, a re: Ke nna eo le mmatlang; le tlile ka taba efe?
22Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.