Diketso
Khaolo 10:42-48
BIBELE e Halalelang
42O re laetse ho bolella setjhaba, le ho paka hore ke yena ya beilweng ke Modimo ho ahlola ba phelang le ba shweleng.
43Baporofeta bohle ba mmoletse ka taba ya hore, e mong le e mong ya dumelang ho yena, o tla bona tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.
44Yare ha Petrose a sa ntse a bolela taba tseo, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba utlwang lentswe.
45Badumedi bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ya Moya o Halalelang e tshollelwa le baditjhaba.
46Hobane ba ne ba ba utlwa ba bua dipuo disele, ba boka Modimo.
47Yaba Petrose o bua, a re: Na ke mang jwale ya ka hanang le metsi, hore bao ba se ke ba kolobetswa, haele mona ba se ba amohetse Moya o Halalelang jwaloka rona na?
48Jwale, a laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela, ba re a ke a hlole le bona matsatsi a mang.