Diketso
Khaolo 11:11-17
BIBELE e Halalelang
11Ka nako yona eo, ka tshoha banna ba bararo, ba romilweng ho nna, ba tswang Sesarea, ba hlaha monyako wa ntlo eo ke neng ke le ho yona.
12Moya wa mpolella, hore ke ye le bona, ke sa kganane. Baena bana ba tsheletseng ba ya le nna le bona, mme ra kena tlung ya monna eo.
13A re bolella kamoo a boneng lengeloi kateng, ka tlung ya hae, le eme, le re ho yena: Romela banna Jopo, mme o late Simone, ya bitswang Petrose.
14Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.
15Eitse hobane ke qale ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwalokaha ho entswe ho rona ho qaleng.
16Yaba ke elellwa polelo ya Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.
17Mme Modimo ha o ba file neo e jwaloka eo o re neileng yona, rona ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste, nna, ke ne ke le mang hore ke hane ho Modimo?