Diketso
Khaolo 11:21-27
BIBELE e Halalelang
21Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.
22Taba eo, eitse ha e utlwahala kerekeng ya Jerusalema, ba roma Barnabase hore a etele Antioke.
23Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.
24Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo; mme batho ba bangata haholo ba kgomarela Morena.
25Yaba Barnabase o ya Tarese, ho batla Saule.
26Yare hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke; ba dule teng ba qeta ngwaha ba ntse ba phutheha le kereke; mme ba ruta bongata bo boholo. Ke Antioke barutuwa ba qadileng ho bitswa bakreste.
27Mehleng eo, baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba tla Antioke.