Diketso
Khaolo 11:27-30
BIBELE e Halalelang
27Mehleng eo, baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba tla Antioke.
28E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.
29Barutuwa ba eba ntswe le le leng ho romela baena ba ahileng Judea dithuso, kamoo e mong le e mong a neng a ka ntsha kateng.
30Ba fela ba etsa hoo, mme ba di romela ho baholo ba phutheho ka matsoho a Barnabase le Pauluse.