Diketso
Khaolo 12:11-17
BIBELE e Halalelang
11Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.
12Eitse hobane a imamele, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya reilweng Mareka, moo badumedi ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela.
13Petrose eitse ha a kokota monyako wa mathule, morwetsana ya bitswang Rhode a tla mamela.
14Yare ha a tsebile lentswe la Petrose, a se ke a bula monyako ka baka la ho thaba, a mpa a matha ho ya bolella ba ka tlung hobane Petrose o eme pela mathule.
15Ba re ho yena: O a hlanya. Empa yena a tiisa, a re: Ho jwalo. Yaba ba re: Ke lengeloi la hae.
16Empa Petrose o ne a tiisa ho kokota. Yare ha ba bula, ba mmona, mme ba tsota.
17A ba hwehla ka letsoho hore ba kgutse, mme a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng teronkong kateng; a ba a re ho bona: Tsebisang Jakobo le baena taba tseo. A ntoo tswa, a ikela bakeng se seng.