Diketso
Khaolo 12:18-24
BIBELE e Halalelang
18Yare hobane bosiu bo se, letsoso le leholo la eba teng hara bahlabani, la ho tseba hobane Petrose o entse jwang.
19Heroda, eitse hobane a mmatlisise, mme a se mo fumane, a ahlola bahlabani, a laela hore ba ye ho bolawa. A ntoo tloha Judea, a theohela Sesarea, mme a ahella teng.
20Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.
21Ka letsatsi le beilweng, Heroda a apara kobo tsa borena, a dula teroneng ya hae; ha a ntse a bua le bona,
22setjhaba sa howa, sa re: Lentswe leo ke la Modimo, e seng la motho.
23Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.
24Empa lentswe la Modimo la nna la ata, la anafala.