Diketso
Khaolo 12:3-9
BIBELE e Halalelang
3Yare ha a bona hobane hoo ho kgahlile Bajuda, a eketsa a tshwara le yena Petrose. E ne e le ka matsatsi a mahobe a se nang ditomoso.
4Yare hobane a mo tshware, a mo kenya teronkong, mme a mo neela dihlophana tse nne, hore di tle di mo lebele, hlopha se seng le se seng se ena le bahlabani ba bane, a lakatsa ho mo hlahisa pela setjhaba ha Paseka e fetile.
5Petrose a nna a lebelwa teronkong jwalo; empa kereke yona e ne e sa phetse ho mo rapella ho Modimo.
6Mohla Heroda a seng a ya mo hlahisa, ka bona bosiu boo, Petrose o ne a robetse mahareng a bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi; balebedi ba emeng pela monyako ba ne ba lebela teronko.
7Empa hang, lengeloi la Morena la hlaha, mme lesedi la kganya teronkong; yaba le sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Yaba mahlaahlela a wa matsohong a hae.
8Lengeloi la re ho yena: Itlame letheka, o rwale le meqathatso ya hao. A etsa jwalo. La ntoo re: Apara kobo ya hao, o ntatele.
9Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo.