Diketso
Khaolo 13:15-21
BIBELE e Halalelang
15Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.
16Yaba Pauluse o a ema, mme yare ha a ba hwehlile ka letsoho hore ba kgutse, a re: Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!
17Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele o ikgethetse bontata rona, mme o hodisitse setjhaba sena ha se sa aheletse lefatsheng la Egepeta; wa ba wa ba ntsha teng ka letsoho le phahameng.
18Wa nna wa ba etsetsa ka mohau feelleng, ka dilemo tse mashome a mane.
19Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.
20Kamora tseo, wa ba nea baahlodi ho isa ho moporofeta Samuele.
21Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.