Diketso
Khaolo 13:18-24
BIBELE e Halalelang
18Wa nna wa ba etsetsa ka mohau feelleng, ka dilemo tse mashome a mane.
19Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.
20Kamora tseo, wa ba nea baahlodi ho isa ho moporofeta Samuele.
21Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.
22Eitse hobane o mo tlose, wa ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona, eo o mmoletseng, wa re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya pelong ya ka, ya tla etsa hoo ke ho ratang hohle.
23Lelokong la eo, ka pallo ya wona, Modimo o hlahiseditse Iseraele Mmoloki Jesu.
24Enereha a eso ho hlahe, Johanne o ne a se a boleletse setjhaba sa Iseraele kaofela kolobetso ya pako.