Diketso
Khaolo 13:26-32
BIBELE e Halalelang
26Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.
27Hobane ba ahileng Jerusalema le baholo ba bona, ereka ha ba sa ka ba tseba Jesu, ditaba tsa baporofeta tse balwang ka Sabatha e nngwe le e nngwe ba di phethile ka ho mo ahlola.
28Leha ba sa ka ba fumana ho yena molato o tshwanetsweng ke lefu, ba qela ho Pilato hore a bolawe.
29Eitse hobane ba phethe ditaba tsohle tse ngodilweng bakeng sa hae, ba mo fanyolla sefateng, ba mo kenya lebitleng.
30Empa Modimo o mo tsositse bafung;
31mme o bile a bonwa ka matsatsi a mangata ke ba neng ba tlohe Galelea, ba tla Jerusalema le yena, bao e leng dipaki tsa hae pela setjhaba.
32Rona, re a le tsebisa hore pallo e neng e etseditswe bontata rona,