Diketso
Khaolo 13:34-40
BIBELE e Halalelang
34Pontsho ya hobane o mo tsositse bafung, hore a se hlole a kgutlela ho boleng, o boletse jwalo, wa re: Ke tla le nea mehauhelo e kgethehileng ya Davida, e tiileng.
35Le Pesalemeng e nngwe ho itswe: O ke ke wa lesa Mokgethwa wa hao hore a bone ho bola.
36Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.
37Empa eo Modimo o mo tsositseng, ha a ka a bona ho bola.
38Banna ba heso, tsebang kahoo hobane tshwarelo ya dibe le e boleletswe ka yena,
39le hoba e mong le e mong ya dumelang ho yena o bewa ya lokileng nthong tseo le neng le sitwa ho bewa ba lokileng ho tsona ke molao wa Moshe.
40Iponeleng ke hona, esere mohlomong se boletsweng ke baporofeta sa le hlahela, se reng: