Diketso
Khaolo 13:37-43
BIBELE e Halalelang
37Empa eo Modimo o mo tsositseng, ha a ka a bona ho bola.
38Banna ba heso, tsebang kahoo hobane tshwarelo ya dibe le e boleletswe ka yena,
39le hoba e mong le e mong ya dumelang ho yena o bewa ya lokileng nthong tseo le neng le sitwa ho bewa ba lokileng ho tsona ke molao wa Moshe.
40Iponeleng ke hona, esere mohlomong se boletsweng ke baporofeta sa le hlahela, se reng:
41Bonang, lona banyatsi, le makale, mme le timele; hobane ke tla etsa mosebetsi mehleng ya lona, mosebetsi oo le ke keng la o dumela, leha e mong a ka le bolella.
42Eitse hobane ba tswe sinagogeng ya Bajuda, baditjhaba ba rapela hore, ka Sabatha e tlang, ba bolellwe ditaba tseo le bona.
43Eitse ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata, le Baporoselite ba sebeletsang Modimo, ba latela Pauluse le Barnabase; bao, yare ha ba bua le bona, ba ba kgothatsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.