Diketso
Khaolo 13:47-52
BIBELE e Halalelang
47Hobane Morena o re laetse jwalo ka lentswe le reng: Ke o beile lesedi la ditjhaba, hore o be poloko ya tsona ho isa pheletsong tsa lefatshe.
48Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena; mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.
49Lentswe la Morena la nna la hasana naheng eo yohle.
50Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.
51Yaba ba hlohlora lerole le maotong a bona, ba ya Ikone.
52Haele barutuwa, ba ne ba tletse thabo le Moya o Halalelang.