Diketso
Khaolo 14:10-16
BIBELE e Halalelang
10a bua ka lentswe le leholo, a re ho yena: Ema ka maoto a hao. A tlolela pele, a ba a tsamaya.
11Yare ha bongata bo bona se entsweng ke Pauluse, ba qala ho howa ka puo ya Selikaonia, ba re: Medimo e nkile sebopeho sa batho, e theohetse ho rona.
12Mme Barnabase ba ne ba mmitsa Jupitere, Pauluse yena, ba re, ke Merkure, kahobane e ne e le yena monga dipolelo.
13Le yena moprista wa Jupitere, ya neng a le pela motse wa bona, a tla ka dipoho le meqhaka kgorong, a rata ho etsa mahlabelo a ena le bongata.
14Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,
15ba re: Banna le etsetsang jwalo na? Athe le rona, re batho ba fokolang jwaloka lona; re le bolella hore le lese mekgwa eo ya bosawana, le hore le sokolohele ho Modimo o phelang, o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho wona.
16Mehleng e fetileng, o nnile wa lesa ditjhaba kaofela hore di tsamaye mekgweng ya tsona.