Diketso
Khaolo 14:19-25
BIBELE e Halalelang
19Yaba ho fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikone, ba hapella batho ho bona; yaba ba tlepetsa Pauluse, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba lekanya hore o shwele.
20Empa yare ha barutuwa ba mo teela hare, a tsoha, mme a kena motseng.Hosasane, a ikela Derba le Barnabase.
21Eitse hobane ba bolele Evangeli motseng oo, mme ba etse barutuwa ba bangata, ba kgutlela Listra, le Ikone, le Antioke,
22ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
23Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.
24Ba feta ka Pisidia, ba ya Pamfilia.
25Ba bolela lentswe Perge, ba ntoo theohela Attalia.