Diketso
Khaolo 14:20-26
BIBELE e Halalelang
20Empa yare ha barutuwa ba mo teela hare, a tsoha, mme a kena motseng.Hosasane, a ikela Derba le Barnabase.
21Eitse hobane ba bolele Evangeli motseng oo, mme ba etse barutuwa ba bangata, ba kgutlela Listra, le Ikone, le Antioke,
22ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
23Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.
24Ba feta ka Pisidia, ba ya Pamfilia.
25Ba bolela lentswe Perge, ba ntoo theohela Attalia.
26Ha ba tloha teng, ba kgutlela Antioke ka sekepe, e leng moo ba neng ba laeleditswe mohaung wa Modimo, ho ya mosebetsing oo ba sa tswa o phetha.