Diketso
Khaolo 15:1-4
BIBELE e Halalelang
1Ba bang ba neng ba etswa Judea, ba ruta baena, ba re ho bona: Ekare ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, ha le ka ke la bolokeha.
2Pauluse le Barnabase ba fetolana le bona haholo, ba tsekisana le bona ka matla, ha ba ha rerwa hore Pauluse le Barnabase ba tla ya Jerusalema, ba ena le ba bang ba bona, ho ya botsa baapostola le baholo bakeng sa taba eo.
3Yare ha ba romilwe jwalo ke kereke, ba ya ka la Fenisia le la Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba; baena kaofela ba ne ba thabela hoo haholo.
4Yare ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa hantle ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo; mme ba ba bolella tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona.