Diketso
Khaolo 15:13-19
BIBELE e Halalelang
13Eitse hobane ba qete, Jakobo a bua, a re: Banna ba heso, mmameleng.
14Simone o le phetetse kamoo Modimo o qadileng ho etela ditjhaba kateng, hore o ikgethele hara tsona setjhaba se kgethetsweng la wona.
15Ditaba tsa baporofeta di dumellana teng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe:
16Kamora tseo, ke tla boya, mme ke tla tsosa ntlo ya Davida e weleng; ke tla tsosa dithako tsa yona, ke e emise;
17hore batho ba setseng ba batle Morena, le tsona ditjhaba kaofela, tseo lebitso la ka le rapelwang hodima tsona; ho rialo Morena ya etsang dintho tseo tsohle.
18Haesale le ho hlaheng, Modimo o nnile wa tseba mesebetsi yohle ya wona.
19Ke ahlola ke hona, hore baditjhaba kaofela ba sokolohelang ho Modimo, ba se ke ba kgathatswa,