Diketso
Khaolo 15:14-20
BIBELE e Halalelang
14Simone o le phetetse kamoo Modimo o qadileng ho etela ditjhaba kateng, hore o ikgethele hara tsona setjhaba se kgethetsweng la wona.
15Ditaba tsa baporofeta di dumellana teng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe:
16Kamora tseo, ke tla boya, mme ke tla tsosa ntlo ya Davida e weleng; ke tla tsosa dithako tsa yona, ke e emise;
17hore batho ba setseng ba batle Morena, le tsona ditjhaba kaofela, tseo lebitso la ka le rapelwang hodima tsona; ho rialo Morena ya etsang dintho tseo tsohle.
18Haesale le ho hlaheng, Modimo o nnile wa tseba mesebetsi yohle ya wona.
19Ke ahlola ke hona, hore baditjhaba kaofela ba sokolohelang ho Modimo, ba se ke ba kgathatswa,
20ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.