Diketso
Khaolo 15:16-22
BIBELE e Halalelang
16Kamora tseo, ke tla boya, mme ke tla tsosa ntlo ya Davida e weleng; ke tla tsosa dithako tsa yona, ke e emise;
17hore batho ba setseng ba batle Morena, le tsona ditjhaba kaofela, tseo lebitso la ka le rapelwang hodima tsona; ho rialo Morena ya etsang dintho tseo tsohle.
18Haesale le ho hlaheng, Modimo o nnile wa tseba mesebetsi yohle ya wona.
19Ke ahlola ke hona, hore baditjhaba kaofela ba sokolohelang ho Modimo, ba se ke ba kgathatswa,
20ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.
21Hobane haele Moshe, haesale le mehleng ya kgale, o na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa masinagogeng ka matsatsi wohle a Sabatha.
22Yaba baapostola le baholo, ba ena le kereke kaofela, ba bona hobane ho a tshwanela ha ho ka kgethwa banna hara bona, ba tla romelwa Antioke le Pauluse le Barnabase; ha kgethwa Juda, ya reilweng Barsabase, le Silase, banna ba tshepilweng hara baena.