Diketso
Khaolo 15:28-34
BIBELE e Halalelang
28Ho hopotswe ke Moya o Halalelang le ke rona, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, haese ba ditaba tsena tse tshwanelang,
29e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!
30Bao, eitse ha ba romilwe jwalo, ba ya Antioke; ba bokella bongata jwa badumedi, mme ba ba nea lengolo leo.
31Yare hobane ba le bale, ba thaba haholo ka baka la kgothatso ya bona.
32Juda le Silase le bona, e neng e le baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.
33Eitse hobane ba hlole teng matsatsi a se makae, ba kgutlisetswa ke baena ka kgotso ho baapostola.
34Leha ho le jwalo, Silase a rata ho hlola teng.