Diketso
Khaolo 15:29-35
BIBELE e Halalelang
29e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!
30Bao, eitse ha ba romilwe jwalo, ba ya Antioke; ba bokella bongata jwa badumedi, mme ba ba nea lengolo leo.
31Yare hobane ba le bale, ba thaba haholo ka baka la kgothatso ya bona.
32Juda le Silase le bona, e neng e le baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.
33Eitse hobane ba hlole teng matsatsi a se makae, ba kgutlisetswa ke baena ka kgotso ho baapostola.
34Leha ho le jwalo, Silase a rata ho hlola teng.
35Haele Pauluse le Barnabase, ba hlola Antioke, ba ntse ba ruta, ba bolela lentswe la Morena, ba ena le ba bang ba bangata.