Diketso
Khaolo 15:30-36
BIBELE e Halalelang
30Bao, eitse ha ba romilwe jwalo, ba ya Antioke; ba bokella bongata jwa badumedi, mme ba ba nea lengolo leo.
31Yare hobane ba le bale, ba thaba haholo ka baka la kgothatso ya bona.
32Juda le Silase le bona, e neng e le baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.
33Eitse hobane ba hlole teng matsatsi a se makae, ba kgutlisetswa ke baena ka kgotso ho baapostola.
34Leha ho le jwalo, Silase a rata ho hlola teng.
35Haele Pauluse le Barnabase, ba hlola Antioke, ba ntse ba ruta, ba bolela lentswe la Morena, ba ena le ba bang ba bangata.
36Eitse hobane ho fete matsatsi a se makae, Pauluse a re ho Barnabase: Ha re boeleng re etele baena ba rona metseng yohle eo re boletseng lentswe la Morena ho yona, re bone kamoo ba dutseng kateng.