Diketso
Khaolo 15:34-40
BIBELE e Halalelang
34Leha ho le jwalo, Silase a rata ho hlola teng.
35Haele Pauluse le Barnabase, ba hlola Antioke, ba ntse ba ruta, ba bolela lentswe la Morena, ba ena le ba bang ba bangata.
36Eitse hobane ho fete matsatsi a se makae, Pauluse a re ho Barnabase: Ha re boeleng re etele baena ba rona metseng yohle eo re boletseng lentswe la Morena ho yona, re bone kamoo ba dutseng kateng.
37Jwale, Barnabase o ne a rata ho nka Johanne ya reilweng Mareka.
38Empa Pauluse o ne a lekanya hore ha ho a tshwaneleha hore ba nke le bona motho ya neng a ba tlohetse ba sa le Pamfilia, ya neng a sa ka a ya le bona mosebetsing wa bona.
39Phapang ya hlaha ke hona, ba ba ba kgaohana. Barnabase a nka Mareka, a tshelela Sipera ka sekepe.
40Haele Pauluse, yena a ikgethela Silase, mme a tloha, hobane a laeletswe mohaung wa Morena ke baena.