Diketso
Khaolo 15:9-15
BIBELE e Halalelang
9Ha o a ka wa kgetha mahareng a rona le bona, hobane o hlwekisitse dipelo tsa bona ka tumelo.
10Mme jwale, le lekelang Modimo, ka ho bea molaleng wa barutuwa joko eo bontata rona, leha e le rona, re sitilweng ho e jara,
11athe re dumela hobane re tla bolokeha ka mohau wa Morena Jesu Kreste, jwaloka bona?
12Yaba phutheho kaofela e a kgutsa, e a mamela Barnabase le Pauluse, ha ba bolela kamoo Modimo o entseng mehlolo kateng, ka bona le meeka e mengata hara ditjhaba.
13Eitse hobane ba qete, Jakobo a bua, a re: Banna ba heso, mmameleng.
14Simone o le phetetse kamoo Modimo o qadileng ho etela ditjhaba kateng, hore o ikgethele hara tsona setjhaba se kgethetsweng la wona.
15Ditaba tsa baporofeta di dumellana teng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: