Diketso
Khaolo 16:12-18
BIBELE e Halalelang
12Ha re tloha teng, ra ya Filipi, e leng motse wa pele naheng ya Masedonia, hape e leng koloni ya Roma; mme ra hlola matsatsi a mang motseng oo.
13Yare ka letsatsi la Sabatha, ra tswa motseng, ra ya pela noka, moo ho neng ho lemaletswe ho rapelwa teng, mme ha re se re dutse, ra bua le basadi ba phuthehetseng teng.
14Mosadi e mong ya bitswang Lidia, mohwebi wa purepera, wa motse wa Thiatire, ya tshabang Modimo, a mamela; Morena a bula pelo ya hae hore a ele ditaba tse bolelwang ke Pauluse hloko.
15Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.
16Ka tsatsi le leng, ha re ya thapelong, montsana e mong, ya kenweng ke moya wa Phithone, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rona.
17A sala Pauluse le rona morao, a ntse a howa, a re: Banna bao ke bahlanka ba Modimo o hodimodimo ba re bolellang tsela ya poloko.
18A etsa jwalo ka matsatsi a mangata; empa Pauluse ha a kgathetse ke hona, a reteleha, a re ho moya: Ke o laela ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore o tswe ho yena. Yaba o tswa ka yona nako eo.