Diketso
Khaolo 16:17-23
BIBELE e Halalelang
17A sala Pauluse le rona morao, a ntse a howa, a re: Banna bao ke bahlanka ba Modimo o hodimodimo ba re bolellang tsela ya poloko.
18A etsa jwalo ka matsatsi a mangata; empa Pauluse ha a kgathetse ke hona, a reteleha, a re ho moya: Ke o laela ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore o tswe ho yena. Yaba o tswa ka yona nako eo.
19Yare beng ba hae ha ba bona hobane ba senyehetswe ke tshepo ya ho rua, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela kgotla pela babusi.
20Ba ba hlahisa pela baahlodi, ba re: Batho bao ba Bajuda ba ferekanya motse wa rona;
21ba ruta mekgwa eo re sa tshwaneleng ho e amohela, leha e le ho ya ka yona, kahobane re Baroma.
22Bongata jwa ba tsohela matla, mme baahlodi ba ba haholela diaparo, ba laela hore ba shapuwe.
23Eitse hobane ba ba ntshe maqeba a mangata, ba ba kenya teronkong, mme ba laela molebedi wa teronko ho ba lebela haholo.